Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -


Mattheu 9 - Baasraak Sotho NT


Mattheu 9

1 Yaba o kena sekepeng, a tshela, a fihla motseng wa habo.

2 Mme bonang, ba tlisa ho yena monna ya omeletseng ditho, a robetse diphateng. Mora, beta pelo; o tshwaretswe dibe tsa hao.

3 Mme bonang, ba bang ba bangodi ba re ka ho bona: Motho enwa o nyefola.

4 Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

5 Hobane ho bonolo ke hofe, ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao; kapa ho re: Ema, o tsamaye?

6 Empa e le hore le tle le tsebe hore Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho: “Ema, o nke diphate tsa hao, o ye tlung ya hao.

7 A tsoha, a ikela tlung ya hae.

8 Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo.

9 Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.

10 Yare ha Jesu a dutse dijong ka tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba tla, ba dula le yena le barutuwa ba hae.

11 Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?

12 Eitse ha Jesu a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.

13 Eyang, le ithute hore na ke ho reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo;

14 Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itima dijo hangata, empa barutuwa ba hao ha ba itime dijo?

15 Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka lla, monyadi a sa na le bona na? empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo.

16 Ha ho motho ya beang setsiba sa lesela le letjha seaparong se tsofetseng;

17 Leha e le batho ba tshelang veine e ntjha makukeng a kgale;

18 A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele;

19 Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae.

20 Mme, bonang, mosadi ya neng a tshwerwe ke phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, a tla kamora hae, a ama qola ya seaparo sa hae.

21 Hobane o ne a ipolella, a re: Ha nka ama seaparo sa hae feela, ke tla fola.

22 Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: Beta pelo, moradi; tumelo ya hao e o fodisitse. Mme mosadi a fola ho tloha ka nako eo.

23 Jesu ha a fihla tlung ya mmusi, a bona diletsi tsa diphala le letshwele le etsang lerata.

24 A re ho bona: Suthang; Mme ba mo tsheha.

25 Empa ha letshwele le ntshitswe, a kena, a mo tshwara ka letsoho, mme morwetsana a tsoha.

26 Tumo ya taba eo ya utlwahala naheng eo yohle.

27 Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko!

28 Eitse hobane a kene tlung, difofu tsa tla ho yena; Ba re ho yena: E, Morena.

29 Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etswe ka tumelo ya lona.

30 Mahlo a bona a tutuboloha; mme Jesu a ba laela haholo, a re: Iponeleng, hore ho se ke ha tsejwa ke motho.

31 Empa bona, ha ba tloha, ba hasa botumo ba hae naheng eo yohle.

32 Yare ba sa tswa, bonang, ha tliswa ho yena semumu se nang le modemona.

33 Eitse hobane modemona o lelekwe, semumu sa bua, mme matshwele a makala, a re: Ha ho eso ho ka ho bonwa jwalo Iseraeleng.

34 Empa bafarisi ba re: O leleka batemona ka morena wa batemona.

35 Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.

36 Eitse ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba qhalane jwaloka dinku tse se nang modisa.

37 A ntoo re ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae;

38 Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Síguenos en:



Anuncios