Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yare ha a bileditse ho yena barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho hlola meya e ditshila, ho e lahlela ntle, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Hoba Jesu a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le a ho fodisa mafu le malwetse wohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse hobane a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:1
26 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesu o re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ntjhafalong ya tsohle, mohla Mora motho a dulang teroneng ya kganya ya hae, lona ba ntatetseng, le tla dula le lona diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko ya Iseraele e leshome le metso e mmedi.


Ka nako ya shwalane, Jesu a dula dijong le barutuwa ba leshome le metso e mmedi.


A re a sa rialo, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le sehlopha se seholo, se tshwereng disabole le melamu, se romilweng ke baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.


Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.


Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.


Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha, le diphepheng, le matla wohle a sera; mme ha ho letho le tla le etsa hampe.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.


Ha letsatsi le tjhabile, a bitsa barutuwa ba hae, mme hara bona a ikgethela ba bang ba leshome le metso e mmedi, bao a ba reileng baapostola.


hobane o mo neile borena hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng.


Johanne a araba, a re: Motho o sitwa ho nka letho, ha a sa le newe ke lehodimo.


Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong.


Jesu a ba araba, a re: Ana hase nna ke le kgethileng, lona ba leshome le metso e mmedi? athe e mong wa lona ke Diabolose!


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Empa moya o mobe wa ba araba, wa re: Jesu, ke a mo tseba, ke tseba le Pauluse; empa lona, le bomang?


Yaba mohlolo o moholo wa hlaha lehodimong, e le wa mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le tlasa maoto a hae, a rwetse hloohong mofapahlooho wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos