Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.
Jeremia 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane. BIBELE “Bolelang kahara naha yohle ya Juda, le phatlalletse le Jerusalema, le re: ‘Letsang lenaka kahara naha yohle!’ Hlabang mokgosi, le phuthehe, le re: ‘Kgobokanang, le thee theko! Tshabelang metseng, metseng e sireleditsweng!’ |
Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.
Empa enere ha Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela lefatshe lena, ra ba ra re: Tloong, re keneng Jerusalema, re tloheng pela makgotla a Bakalde le pela makgotla a Basiria; yaba ke moo re ahileng Jerusalema.
Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.
Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.
Motho ya hlalefileng ke mang? A ke a lemohe taba tsena; eo molomo wa Jehova o buang le yena a ke a re tsebise hore na ke ka baka lang ha ho sentswe lefatshe, leha le tjhesitswe jwaloka lefeella, ho se ya fetang teng na?
Ho letswa terompeta, ho lokiswa tsohle; leha ho le jwalo, ha ho ya yang ntweng, hobane kgalefo ya ka e ya tlela letshwele lohle la bona.
O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.
Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.
Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?
Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?
O iketsetse diterompeta tse pedi tsa silefera. O di etse ka silefera e teilweng. Di tla o thusa ho mema phutheho le ho laela makgotla hore a tlohe.
Joshua le bana ba Iseraele ba qetella ho ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba timeletsa; ba phonyohileng bona ba kena metseng e marako.