Amose 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)Dikgalemelo le ditemoso. 1 Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta; 2 ke re: Ke tsebile lona feela hara meloko yohle ya lefatshe; ka baka leo, ke tla le otla ka baka la makgopo a lona kaofela. 3 Na ba babedi ba tla tsamaya hammoho, ba sa dumellana? 4 Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na? 5 Na nonyana e ka wela lerabeng le fatshe, ho se ntho e e tjhehileng? Na leraba le beilweng fatshe le ka tlolela hodimo le sa tshwase letho? 6 Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova? 7 Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta. 8 Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang? 9 Howeletsa hodima matlo a borena a Ashdode le hodima matlo a borena a lefatshe la Egepeta, le re: Phuthehelang dithabeng tsa Samaria, le tle le bone meferefere e mengata e hara yena, le dihloriso tse leng ho yena. 10 Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona. 11 Ka baka leo, Morena Jehova o itse: Sera ke sena! se se se le ka nqa tsohle ho lefatshe! Se tla diha kganya ya hao, matlo a hao a borena a phahlwe. 12 Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka. 13 Mamelang, le pake tsa ntlo ya Jakobo, ho bolela Morena Jehova, Modimo wa makgotla. 14 Ka tsatsi leo ke tlang ho kgalemela Iseraele ka baka la makgopo a hae, ke tla kgalemela le dialetare tsa Bethele, mme manaka a aletare a tla robeha, a wele fatshe. 15 Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa