Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Re sa duletseng? A re kgobokaneng bohle! A re tshabeleng metseng e haheleditsweng, lefu ha le fihla le re fumane moo! Morena Modimo o re abetse timelo, o tla re nwesa metsi a tletseng mahloko, hobane rona re sitetswe Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:14
23 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.


Ke ne ke le semumu, ke ikgutseditse, ka itima ho bua, leha e le tsa botle; empa bohloko ba ka ba eketseha;


Ba nneile nyoko e be dijo tsa ka, mme ho nyorweng ha ka ba nnositse asene.


Dula, o kgutse, mme o kene lefifing, wena moradi wa Bakalde, hobane ha o sa tla hlola o bitswa mofumahadi wa mebuso.


Oho Jehova, re itsebela bokgopo ba rona le molato wa bontata rona, hobane re nnile ra o sitelwa.


Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa baporofeta bao: Bonang, ke ya ba jesa lengana, ke ba nose metsi a mahloko, hobane ka baporofeta ba Jerusalema bonyefodi bo hlile bo tswetse pele lefatsheng lohle.


A re laleng hodima dihlong tsa rona, re apare sekgobo sa rona, hobane re sitetswe Jehova, Modimo wa rona, rona le bontata rona, ho nka botjheng ba rona ho fihlela tsatsi lena, mme ha re a ka ra mamela lentswe la Jehova, Modimo wa rona.


Empa enere ha Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela lefatshe lena, ra ba ra re: Tloong, re keneng Jerusalema, re tloheng pela makgotla a Bakalde le pela makgotla a Basiria; yaba ke moo re ahileng Jerusalema.


ba mpa ba nnile ba tsamaya ka bothata ba dipelo tsa bona le ka ho latela boBaale, kamoo ba rutilweng kateng ke bontata bona;


ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.


Hopola bosenyehi ba ka le hloreho ya ka; ke lengana feela le mahlomola.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Wa habo mofu o tla nka setopo sa hae le ya tlang ho se tjhesa, ho tle ho ntshwe ditopo tlung; mme o tla re ho ya dutseng motseo wa ntlo: Na o sa na le e mong le wena na? Eo o tla araba, a re: Tjhe, ha ho sa le motho. Ke moo a tla re: Thola! hobane ha ho na ho hopolwa lebitso la Jehova.


Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!


Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng.


ba mo nea asene e tswakilweng ka nyooko, hore a nwe; empa hobane a e latswe, a hana ho nwa.


Iponeleng ke hona hore kajeno ho se be monna hara lona, kapa mosadi, kapa ntlo, kapa leloko leo pelo tsa lona di ka fapohang Jehova, Modimo wa rona, ho ya sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, mme ho se ke ha eba ho lona motso o hlahisang bore le lengana.


Hobane morara wa bona o tswa morareng wa Sodoma le masimong a Gomorra ditholwana tsa bona ke ditholwana tse nang le mahloko, ditholwana tsa bona di a baba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos