Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Re ne re ntse re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le letsatsi la phodiso, mme bonang, ho a tshabeha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Re ne re lebeletse kgotso, empa ha re a fumana molemo; ra lebella nako ya ho fodiswa, empa ra tlelwa ke ditsietsi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:15
9 Referencias Cruzadas  

Ke ne ke lebeletse lehlohonolo, mme ke tletswe ke kotsi; ke ne ke lebeletse lesedi, mme lefifi le fihlile.


Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


Na o lahlile Juda ruri, kapa pelo ya hao e tennwe ke Sione na? O re otlile keng, ho se phodiso ho rona? Re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le nako ya phodiso, empa bonang, ho a tshabeha.


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.


Le se ke la tswela naheng, le se nke maeto, hobane lerumo la sera le teng, ho tshabeha ka nqa tsohle.


Mme ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


Tshenyeho e a tla, ba batla kgotso, mme ha e yo.


Hobane moahi wa Marothe (ho baba) o kula ke ho llela molemo, hobane kotsi e tswile ho Jehova, e fihlile monyako wa Jerusalema.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos