Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:15 - BIBELE

15 Re ne re lebeletse kgotso, empa ha re a fumana molemo; ra lebella nako ya ho fodiswa, empa ra tlelwa ke ditsietsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Re ne re ntse re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le letsatsi la phodiso, mme bonang, ho a tshabeha.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:15
9 Referencias Cruzadas  

Ha ke ne ke lebeletse molemo, ka tlelwa ke bobe; ha ke ne ke lebeletse lesedi, ka tlelwa ke lefifi.


Maralla wohle a lehwatateng a nyeunya basenyi, hobane sabole ya Morena e tla timetsa tsohle, e timetse dipheletso tsohle tsa lefatshe, ha ho le ya mong ya tla phela ka kgotso.


“Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela!


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: ‘Le tla ba le kgotso,’ athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”


Se tsweleng kantle la tsamaya hara naha, le ditseleng le se ke la tsamaya teng, hobane sera se hlometse ka disabole, tshabo le yona e fumanwa kahohle.”


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka, ba a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. “Kgotso! Kgotso!” ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


Mahlomola a a tla. Ba tla batla kgotso, empa ha e na ho ba teng.


Baahi ba Marote ba lebeletse ho lopollwa, hoba Morena o ba dihetse koduwa, a e diha, ya ya fihla le kgorong ya Jerusalema.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos