Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:5 - BIBELE

5 “Bolelang kahara naha yohle ya Juda, le phatlalletse le Jerusalema, le re: ‘Letsang lenaka kahara naha yohle!’ Hlabang mokgosi, le phuthehe, le re: ‘Kgobokanang, le thee theko! Tshabelang metseng, metseng e sireleditsweng!’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:5
16 Referencias Cruzadas  

Kamehla ha e feta e tla le hohola, e le hohole hoseng, motsheare le bosiu; ha le utlwisisa molaetsa ebe le a tshoha.


“Mamela mantswe a selekane sena, mme o a bolelle setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema.


Empa ya na yare mohla Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhelang naha ena, ra re: ‘A re tsamayeng, re ikeleng Jerusalema, re baleheng mabotho a Bakalatiya le a Baarame.’ Ke ka lebaka lena re phelang mona Jerusalema.”


“Bolelang tsena ho ba ntlo ya Jakobo, le di phatlalletse ba ntlo ya Juda, le re:


“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.


“Re sa duletseng? A re kgobokaneng bohle! A re tshabeleng metseng e haheleditsweng, lefu ha le fihla le re fumane moo! Morena Modimo o re abetse timelo, o tla re nwesa metsi a tletseng mahloko, hobane rona re sitetswe Morena.


“Monna ya bohlale, ya ka utlwisisang tsee ke ofe? Eo Morena a mo rutileng ho di hlalosa ke mang? Ke ka baka lang ha naha e fetohile nanaola, e omeletse sa lehwatata le ke keng la tsamauwa?”


Leha ba ka letsa terompeta, hore bohle ba itokise, ha ho le ya mong ya tla ya ntweng, hobane kgalefo ya ka e befetse mokgopi wohle.”


“Letsa lenaka, o hlabe mokgosi! Ntsu ke eo e ubella Moreneng, hobane tjhaba se sentse, sa senya selekane sa ka, sa ba sa tlola le molao wa ka.


Letsang lenaka le le Sione, le hlabe mokgosi thabeng ya ka e halalelang! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Morena le atametse, tsatsi la Morena le se le le haufi.


Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?


Jwale tau e se e purumile; ya ke keng a tshoha ke mang? Morena Modimo o se a buile; ya ke keng a porofeta ke mang.


“Etsa diterompeta tse pedi tsa silefera, o di etse ka silefera e thutsweng. O tla di sebedisa ha o bitsa setjhaba, leha ho tswelwa pele leetong.


Ha diterompeta tsena di letswa bobedi ba tsona, setjhaba sohle se tla phuthehela ho wena, kapele ho monyako wa Tente ya Morena.


Ha Joshua le bana ba Iseraele ba qetile ho ba rinya, ho fihlela ba ba ba timela, haese masalla a bona a ileng a kena metseng e nang le diqhobosheane;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos