Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O iketsetse diterompeta tse pedi tsa silefera. O di etse ka silefera e teilweng. Di tla o thusa ho mema phutheho le ho laela makgotla hore a tlohe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Etsa diterompeta tse pedi tsa silefera, o di etse ka silefera e thutsweng. O tla di sebedisa ha o bitsa setjhaba, leha ho tswelwa pele leetong.

Ver Capítulo Copiar




Numere 10:2
14 Referencias Cruzadas  

Empa ha ho a ka ha etsetswa ntlo ya Jehova dipitsana tsa silefera, leha e le matlao, le mafiswana, le diterompeta, le dipitsa tsa kgauta, le dipitsa tsa silefera, ka tjhelete tse tliswang tlung ya Jehova.


le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;


Ke kgwedi e ntjha, letsang phala; ke kgwedi e tolokileng, tsatsi la mokete wa rona!


Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang pitso ya terompeta! Se tsamaya leseding la sefahleho sa hao, Jehova,


Hape, o etse dikerubime tse pedi tsa kgauta: o tle o di etse ka kgauta e teilweng, o di bee dintlheng tse pedi tsa sekwahelo.


O etse kandelare ya kgauta e hlwekileng: kandelare e etswe ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e be ntho e le nngwe le yona.


Le se ke la hlola le ntlisetsa mahlabelo a lefeela; dibano tsa lona ke manyala ho nna, le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le ya Disabatha, le ya dipitso tsa ho phutheha; diphutheho tsa lona tse mahlonoko tse hlokang borapedi di a nkgathatsa.


Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane.


O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.


Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.


Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:


Etlare ha le mema phutheho, le tla di letsa, empa e seng ka modumo o moholo.


Morena o mong, tumelo e nngwe, le kolobetso e nngwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos