Jeremia 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Emisetsang folaga nqa Sione; batlang setshabelo, le se ke la ema, hobane ke lata tsietsi le kotsi e kgolo nqeng ya leboya. Ver CapítuloBIBELE6 Phahamisang mokgele, le lebe Sione! Potlakelang teng, le se ka la dieha! Ke tlisa koduwa e hlaha leboya, koduwa eo e tla ba nanaola.” Ver Capítulo |
Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.
bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.