Jeremia 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo. Ver CapítuloBIBELE1 “Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya. Ver Capítulo |
bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.