Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.
Morena o kgurumeditse moradi wa Sione keng ka kgalefo? Kganya ya Iseraele o e dihile lehodimong, a e lahlela fatshe; tsatsing la kgalefo ya hae ha a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.
Na ke tla o bolella dife? Kapa nka o tshwantsha le eng, moradi wa Jerusalema? Ke tla o bapisa le eng, ke tle ke o tshedise, morwetsana, moradi wa Sione? Hobane tshenyeho ya hao e kgolo, e kaa ka lewatle; ke mang ya ka o fodisang?
Mosadi ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, ya tshabang ho bea bohato ba leoto la hae fatshe, ka baka la bonolo ba hae le la ho kgesa, o tla tadima ka leihlo le lebe monna wa sefuba sa hae, le mora wa hae, le moradi wa hae;