Jeremia 6:1 - BIBELE1 “Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo. Ver Capítulo |
ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.
Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.