Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Letsang lenaka le le Sione, le hlabe mokgosi thabeng ya ka e halalelang! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Morena le atametse, tsatsi la Morena le se le le haufi.

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:1
53 Referencias Cruzadas  

Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Moaho wa hae o dithabeng tse halalelang;


Tsie ya aparela lefatshe lohle la Egepeta, ya dula fatshe dinaheng tsohle tsa Egepeta, e le ngata hampe; pele ho yona ho ne ho eso ho be tsie e ka ka yona, le kamorao ho yona ha ho ka ke ha eba e kalo.


Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, le a tla jwaloka tshenyo e rometsweng ke Ya matla wohle.


Bonang, letsatsi la Jehova le a tla, le le thata, le tletse kgalefo le bohale bo tukang, le tla etsa lefatshe nahathothe, le fiele ba bolotsana ba ho lona.


Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


Etlare ha o tsebisitse setjhaba sena ditaba tseo kaofela, ha ba re: Na Jehova o re bolella kotsi e kgolo hakale keng? Bokgopo ba rona keng, le sebe sa rona keng, seo re sitetsweng Jehova, Modimo wa rona, ka sona na?


Ha ho e mong wa bona ya tla ngwathelwa bohobe dillong ho mo tshedisetsa mofu wa hae, mme ha ba ka ke ba noswa seno sa tshediso ka baka la ntata bona, leha e le mma bona.


Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke tla kgaoletsa polelo eo, e tle e se ke ya nna ya phetwa Iseraeleng. O mpe o re ho bona: Matsatsi a ntse a atamela, le yona ketsahatso ya pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo;


Howa, o purume, mora motho, hobane le ya ba setjhabeng sa ka, le ya ba ho mahosana wohle a Iseraele; a neetswe lerumong hammoho le setjhaba sa ka. Ha ho le jwalo, phathatsa seropeng sa hao.


Efela tshiu eo e haufi: e, e haufi, tshiu ya Jehova; e tla ba tshiu e lefifi, e tla ba tshiu ya ditjhaba.


ha a bona lerumo le tlela lefatshe leo, mme a letsa phala, a eletsa setjhaba;


Haele sebohodi, ekare ha se bona lerumo le etla, se sa letse phala, mme setjhaba se sa eletswe, leha lerumo le ka tla, la ya le e mong wa bona, etlaba eo o shwele ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la sebohodi.


Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.


Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.


wa hore, bophareng bohle ba mmuso wa ka, batho ba tshohe, mme ba tshabe Modimo wa Daniele; etswe e le Modimo o utlwang, o leng teng ka ho sa feleng; mmuso wa wona o ke ke wa fediswa, le borena ba wona bo ya nne bo hlolehe ho isa bofelong.


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Ka re ke sa ntsane ke rapela, ke bolela sebe sa ka le sebe sa setjhaba sa heso sa Iseraele, ke tsholla dithapedisiso tsa ka pela Jehova, Modimo wa ka, bakeng sa thaba e kgethehileng ya Modimo wa ka,


Letsang phala Gibea, le letse terompeta Rama; hlabang mokgosi Bethe-Avene. Sera se kamora ho wena, Benjamine!


O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.


Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.


Jehova o phahamisa lentswe la hae pela makgotla a hae, hobane makgotla a hae a maholo haholo, mme mophethi wa lentswe la hae o matla, hobane le leholo letsatsi la Jehova, le tshabeha haholoholo; ya ka le mamellang ke mang?


Letsang terompeta Sione! Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso, le bokelle setjhaba, le etse phutheho e mahlonoko!


Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, ho eso ho tle letsatsi la Jehova le leholo, le tshabehang;


Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.


Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


Ho madimabe lona le hlolohetsweng tsatsi la Morena! Letsatsi la Morena le le lakaletsang? E tla ba lefifi, e seng lesedi.


A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


Hobane letsatsi la Jehova la ho ahlola ditjhaba tsohle le haufi. Seo o se entseng o tla se etswa le wena, ketso tsa hao di boele hodima hlooho ya hao.


Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa. Utlwang! letsatsi la Jehova ke lena! Teng mohale o meketsa habohloko.


Ke tsatsi la phala le la mokgosi o hlabelwang metse e matla le marako a phahamileng.


Tholang pela Morena Jehova! hobane letsatsi la Jehova le atametse; hobane Jehova o lokisitse sehlabelo, o hlatswitse bao a ba bitsitseng.


Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.


Bona, ho tla letsatsi leo e leng la Jehova, mme ka lona tse hapilweng ha hao di tla arolwa kahare ho wena.


Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!


Hobane bonang, letsatsi le a tla, le tjhesang jwaloka mollo wa sebopi, mme baikgohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba jwaloka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa, ho bolela Jehova wa makgotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.


O iketsetse diterompeta tse pedi tsa silefera. O di etse ka silefera e teilweng. Di tla o thusa ho mema phutheho le ho laela makgotla hore a tlohe.


Etlare ha di letswa, phutheho yohle e tla bokana ho wena monyako wa tente ya pokano.


Mme ekare ha terompeta e ena le modumo o sa kgethweng, ke mang ya tla phallela ntweng?


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.


Le lona, lebellang ka sebete, mme le tiise dipelo tsa lona; hobane ho tla ha Morena ho haufi.


Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.


Hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le tjhabile, mme ho ka ema mang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos