Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Dibatana tsa naha di a o bokollela, hobane metsi a dinoka a pshele pshi! Hlaha e tjhesitse le makgulo a lehwatata.

Ver Capítulo Copiar




Joele 1:20
9 Referencias Cruzadas  

Ha isaisa, molatswana wa epsha, kahobane pula e be e sa ne lefatsheng.


Akabe a re ho Obadia: Eya le naha didibeng tsohle tsa metsi le melatswaneng yohle; mohla ope re ka fumana jwang, re pholose dipere le diesele, esere ra timellwa ke diphoofolo tsohle.


Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo tsa lona, ha madinyane a lona a hoeletsa ho Modimo, mme a kekella mane le mane ke ho lapa?


ditawana di puruma, di batla kgapo, di batla dijo tsa tsona ho Modimo.


Mahlo a dibopuwa kaofela a lebeletse wena, o di fa dijo ka nako e tshwanetseng.


o fa diphoofolo dijo tsa tsona, o fepa madinyane a makgwaba a llang.


Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng.


Ba porofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, mehleng ya kgale, ba nnile ba porofeta bakeng sa mafatshe a mangata le sa mebuso e meholo hore ntwa le tlala le lefu la sewa di tla ba teng.


Makgomo a fehelwa hakakang! Mehlape ya dikgomo e a hlanya, hobane ha e sa na makgulo; le yona mehlape ya dinku e utlwa bohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos