Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 1:20 - BIBELE

20 Dibatana tsa naha di a o bokollela, hobane metsi a dinoka a pshele pshi! Hlaha e tjhesitse le makgulo a lehwatata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata.

Ver Capítulo Copiar




Joele 1:20
9 Referencias Cruzadas  

Kamora nakwana molatswana oo wa epsha, hobane pula e ne e sa ne.


Yaba Akabe o re ho Obadiya: “Tsamaya le naha, o hlahlobe didiba tsohle le melatswana yohle; mohlomong re ka fumanela dipere le dimmeile jwangnyana, di tle di phele, re se shwelwe ke diphoofolo tsohle.”


Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo?


ditawana di purumele diphofu tsa tsona, di batle dijo tsa tsona ho Modimo.


Mahlo a bohle a lebeletse wena, hore o ba fepe ka nako e lokelang.


O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang.


Naha e omeletse hobane pula ha e yo, balemi le bona pelo tsa bona di nyahame, matsoho ba a beile hodima dihlooho.


Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa.


Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos