Joele 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)Tsie e a tla. — Setjhaba a se ke se bake. 1 Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Joele, mora Pethuele: 2 Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona? 3 Le e bolelle bara ba lona, bara ba lona ba e bolelle bara ba bona, le bara ba bona ba e bolelle moloko o tlang. 4 Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele. 5 Tsohang, matahwa, le lle; le bokolle, lona bohle ba nwang veine, ka baka la veine e ntjha, hobane e tlositswe melomong ya lona. 6 Hobane setjhaba se futuhetse lefatshe la ka, ke setjhaba se matla, se sa balweng, meno a sona ke meno a tau, se na le mehlahare e jwaloka ya tau e tshehadi. 7 Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse. 8 Lla, wena lefatshe, jwaloka morwetsana ya itlamileng ka lesela le mahwashe, ka baka la ya neng a tla mo nyala botjheng ba hae. 9 Nyehelo le tshelo ha di sa tliswa tlung ya Jehova; baprista, bahlanka ba Jehova, ba swabile. 10 Naha e senyehile, lefatshe le swabile, hobane koro e sentswe, merara e omeletse, difate tsa ole di ponne. 11 Swabang, lona balemi ba koro; le bokolle, lona balemi ba morara, ka baka la koro le ka baka la harese, hobane se neng se tla kotulwa masimong, se timetse. 12 Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho. 13 Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona. 14 Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova. 15 Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle. 16 Na dijo ha di a tloswa pela mahlo a rona? Thabo le nyakallo na ha di a tloswa tlung ya Modimo wa rona? 17 Dipeo di bodile katlasa makote; mediko e feela, matlo a polokelo a helehile, hobane koro e omeletse. 18 Makgomo a fehelwa hakakang! Mehlape ya dikgomo e a hlanya, hobane ha e sa na makgulo; le yona mehlape ya dinku e utlwa bohloko. 19 Jehova, ke bitsa ho wena, hobane mollo o qetile meraka ya lehwatata, lelakabe le tjhesitse difate tsohle tsa naha. 20 Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa