Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Fate tsa ka tsa morara se se se di sentse, tsa feiye tsona sa di ebola makgapetla, sa a ebola, sa a lahlela hole, makala a tsona a sala a sweufetse.

Ver Capítulo Copiar




Joele 1:7
12 Referencias Cruzadas  

A otla merara ya bona le difeiye tsa bona, a robakanya difate tsa naha ya bona.


Tsie ya aparela lefatshe lohle la Egepeta, ya dula fatshe dinaheng tsohle tsa Egepeta, e le ngata hampe; pele ho yona ho ne ho eso ho be tsie e ka ka yona, le kamorao ho yona ha ho ka ke ha eba e kalo.


Hobane e ne e kwahele bophara bohle ba lefatshe, naha ya ba ya fifala; ya eja dimela tsohle tsa naha le ditholwana tsohle tsa difate tse neng di siilwe ke sefako; ha ho a ka ha ba ha sala botala difateng, leha e le dimeleng tsa naha, lefatsheng lohle la Egepeta.


Veine e ntjha e swabile, merara e a pona, bohle ba pelo di thabileng ba sisa pelo.


Ho tla itetwa difuba ka baka la dirapa tse kgahlisang, le ka baka la merara e behang haholo!


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Ke tla ba qeta, ho bolela Jehova, ho tle ho hlokehe tholwana merareng, leha e le feiye difateng, mahlaku a omelle; mme seo ke ba neileng sona se tla ba phonyohela.


Ke tla senya difate tsa hae tsa merara le tsa difeiye tseo a itseng: Ke moputso oo ke o neilweng ke dinyatsi tsa ka! Ke tla di fetola moru, di jewe ke phoofolo tsa naha.


Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.


Ke ne ke otle koro ya lona ka phori le boroku; masimo a lona a mangata a difate le a merara, le difeiye tsa lona, le mehlwaare ya lona ya jewa ke tsie, mme leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.


Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos