Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -


Joele 1 - BIBELE

1 Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Joele, mora wa Petuele:


Setjhaba se llela tshenyo ya dijalo

2 Lona maqheku mamelang mona! Lona baahi bohle ba naha, sekehang tsebe! Na mehleng ya lona ntho e tjee e kila bonwa? Mehleng ya bo-ntata lona teng e kila bonwa?

3 Lona le e phetele bana ba lona; bona ba e phetele ditloholo tsa lona; tsona di e phetele ditloholwana tsa lona.

4 Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo: wa pele wa eja dijalo, wa siya, wa bobedi wa eja, le wona wa siya, wa boraro wa eja, le wona wa siya, wa bone wa eja, wa kokona tsohle.

5 Lona matahwa, tsohang le lle! Lona bohle ba nwang veine, bokollang, le lle, le llele veine e ntjha, hoba le e amohilwe le le kgatheng la ho e latswa.

6 Tjhaba ke seo se futuhela naha ya heso, ke tjhaba se matla, palo ya sona ke boiyane; meno a sona ekare a lekakuba, mekwetsepe ya sona ekare ya tauhadi.

7 Fate tsa ka tsa morara se se se di sentse, tsa feiye tsona sa di ebola makgapetla, sa a ebola, sa a lahlela hole, makala a tsona a sala a sweufetse.

8 Bokollang sa ngwetsana e apere tse mahwashe, e bokollela mohatsa yona wa matswathaka.

9 Nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba aparetswe ke bofifi, bona baprista ba sebeletsang Morena.

10 Masimo a lobetswe, a senyehile, naha e omeletse, e se le sekaka, mabele a lobetswe, a senyehile, veine e ntjha ha e sa ritelwa, ole le yona ha e sa fumanwa.

11 Lona balemi, nyahamang dipelo! Lona ba lemang morara, bokollang! Bokollelang koro, le bokollele harese, hoba kotulo e senyehetse masimong.

12 Fate tsa morara di se di omeletse, fate tsa feiye tsona di ponne, fate tsa kgarenate, tsa palema le tsa diapole: Difate tsohle tsa naha di omeletse. Ruri batho ba feletswe ke monyaka.


Setjhaba se ke se bake

13 Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.

14 Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang. Phuthang maqheku le baahi bohle ba naha, ba phuthehele ka Tempeleng ya Morena, ya Morena Modimo wa rona: bohle ba meketso, ba ipiletse ho Morena.

15 A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle.

16 Na dijo ha di a senyeha re ntse re di shebile? Ka Tempeleng ya rona thabo le monyaka di kae?

17 Peo e bolelletse katlasa makwete, mediko e senyehile, disiu di tabohile, hobane mabele le wona a phutsitse.

18 Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.

19 Oho, Morena, ke ipiletsa ho wena, hobane hlaha e tjhesitse makgulo a lehwatata, fate tsohle le tsona tsa tjhella hara dithota.

20 Dibatana tsa naha di a o bokollela, hobane metsi a dinoka a pshele pshi! Hlaha e tjhesitse le makgulo a lehwatata.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Síguenos en:



Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos