Joele 1:8 - BIBELE8 Bokollang sa ngwetsana e apere tse mahwashe, e bokollela mohatsa yona wa matswathaka. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Lla, wena lefatshe, jwaloka morwetsana ya itlamileng ka lesela le mahwashe, ka baka la ya neng a tla mo nyala botjheng ba hae. Ver Capítulo |
Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.