Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 1:15 - BIBELE

15 A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.

Ver Capítulo Copiar




Joele 1:15
18 Referencias Cruzadas  

empa Morena o tsheha ya kgopo, hobane o bona hore tsatsi la hae le a tla.


Jo, tsatsi leo le leholo haholo! Ha ho na le ka tshwanang le lona: Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka, empa tjhaba seo se tla phonyoha ho yona.


Lena ke tsatsi la Morena, Modimo wa mabotho, tsatsi la boiphetetso, ho dira tsa hae; sabole e tla bolaya ho fihlela madi a kganathetse, e bolaye ho fihlela madi a e tahile. Morena Modimo wa mabotho, o tla etsa sehlabelo, a se etse naheng e ka leboya ho Euferatese.


Tsatsi leo le se le atametse, tsatsi la Morena le se le atametse! E tla ba tsatsi la ho phethesela ha maru, e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba.


Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang?


Letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla.


Matshweletshwele a sa le ka Kgohlong ya Kahlolo! Letsatsi la Morena le haufi, le atametse, tsatsi la ho theohela ka Kgohlong ya Kahlolo.


“Tsatsi la Morena le atametse, le tla tjhabela ditjhaba kaofela. Kgalapa di tla buseletsana, molamu o boele sefateng.


Kgutsang ha le le kapele ho Morena, kapele ho Morena Modimo, hobane tsatsi la Morena le atametse. Morena o sa lokisitse sehlabelo, le bamemuwa ba hae o sa ba kgethile.


Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako.


hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le fihlile, mme ke mang ya ka pholohang ho lona?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos