Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 1:4 - BIBELE

4 Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo: wa pele wa eja dijalo, wa siya, wa bobedi wa eja, le wona wa siya, wa boraro wa eja, le wona wa siya, wa bone wa eja, wa kokona tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.

Ver Capítulo Copiar




Joele 1:4
19 Referencias Cruzadas  

“Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, lebabo, boroku, ditsie, kapa bookgolane; eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella; leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe;


“Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, le lebabo, le boroku, le ditsie kapa bookgolane, eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella, leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe,


“Ha ke etsa hore letsatsi le eme, pula e se ke ya na, kapa ke laela ditsie ho kumola naha, kapa ke romela sewa hara setjhaba sa ka,


A laela, ha hlaha ditsie, le bookgolane bo se nang palo.


Masimo a bona a a neella seboko, tholwana tsa mosebetsi wa bona, tsa jewa ke ditsie.


Haeba o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie naheng ena ya hao.


Di tla aparela naha yohle, mme ha ho le ya mong ya tla tseba ho bona mobu. Di tla ja tsohle tse ileng tsa siuwa ke sefako, di je difate tsohle tsa lona tse melang.


Lona ditjhaba, kgapo ya lona e jelwe sa bookgolane ha bo kumola, banna ba e tsholohela sa boiyane ba ditsie.


Morena wa mabotho o se a ikanne: Ke tla tlatsa batho hara naha ya hao, bongata ba bona bo lekane le ba ditsie; ba tla o hlabela mekgosi ya ho o hlola.”


“Phahamisang mokgele le hara naha! Letsang lenaka hara ditjhaba! Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, le meme mebuso ena e e futuhele: Ararate le Mini le Ashekenase. Kgethang molaodi ya tla e futuhela, le romele dipere tse kang boiyane ba ditsie.


“Ke tla le buseletsa, ke le buseletse se senyehileng, se jelweng ke ditsie ka dilemo tse ngata; sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie, ya se ja, ya se kokona sohle; lebothohadi leo ke le neeletseng ka lona.


“Ka le otla, ka senya dirapa tsa lona, ka senya masimo a lona a morara, ka a senya ka phori le ka boroku. Ditsie tsa kokona difeiye le mehlwaare ya lona, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie.


Ke tla thibela ditsie, di se ke tsa senya dijalo tsa lona masimong, le ditholwana tsa morara wa lona di se ke tsa phutsa,” ho rialo Morena wa mabotho.


“O tla jala peo e ngata tshimong, empa o tla kotula hanyenyane, hobane ditsie di tla e ja.


Difate tsohle tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, di tla jewa ke ditsie.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos