Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme phutheho e halalelang. Phuthang maqheku le baahi bohle ba naha, ba phuthehele ka Tempeleng ya Morena, ya Morena Modimo wa rona: bohle ba meketso, ba ipiletse ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




Joele 1:14
15 Referencias Cruzadas  

Jehu a ntoo re: Le tumise hobane mokete wa Baale o tla ba teng. Mme ba o tumisa.


Bajuda bohle ba ema jwalo pela Jehova, hammoho le bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona le bara ba bona.


Ha nna ha balwa bukeng ya molao wa Modimo ka tsatsi le leng le le leng, ho qala ka tsatsi la pele, ho isa ho la ho qetella. Ba etsa mokete ka tshiu tse supileng, mme ka la boroba meno e le mmedi ha etswa phutheho e kgolo haholo, kamoo taelo e neng e le kateng.


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


Juda o a lla, diphutheho tse dulang dikgorong tsa metse ya hae di fokotse, di ituletse, lefatshe le swabile, mme mohoo wa Jerusalema o a nyoloha.


Selemong sa bohlano sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ha bolelwa tsatsi la ho itima dijo pela Jehova, la setjhaba kaofela sa Jerusalema le setjhaba kaofela se tswang metseng ya Juda ho tla Jerusalema.


Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona?


Ka matsatsi a supileng le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjhesitsweng ka mollo. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, le tla ba le phutheho e halalelang; le tla hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo; e tla ba phutheho e phahameng; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Yaba batho ba Ninive ba dumela Modimo, ba bea letsatsi la ho itima dijo, ba apara bohle masela a mahwashe, ho qala ka e moholo wa bona ho isa ho e monyenyane.


batho le diphoofolo di mpe di apare masela a mahwashe, batho ba ke ba howeletse ka matla ho Modimo, mme e mong le e mong a furalle metsamao ya hae e mebe le bokgopo bo matsohong a hae.


Imameleng, imameleng, lona setjhaba se sa swabeng, morero wa Jehova ha o eso ho tswale,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos