Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le ke le bollele Jehova, le tlose ho se bolle ha dipelo tsa lona, lona batho ba Juda le ba ahileng Jerusalema, esere kgalefo ya ka ya tswa jwaloka mollo, ya tjhesa e sa tingwe, ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 bolokang selekane sa lona le nna, le ineele nna ka pelo tsa lona tsohle, lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; esere kgalefo ya ka ya laima sa malakabe, ya tjhesa ho se ya ka e timang, ka baka la bokgopo ba ketso tsa lona.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:4
36 Referencias Cruzadas  

Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.


Lesedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Mohalaledi wa hae e be kgabo e tla tjhesa le ho fedisa meutlwa le dibajwa tsa hae, di tjhe ka tsatsi le le leng feela.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


Tsoha, tsoha, o eme, wena Jerusalema, ya nweleng mohope wa kgalefo ya Jehova letsohong la hae; o nwele, o momonne ditshifa tsa senwelo se tahisang!


Mme ke tla di fihlisa hammoho le bao e leng dira ho wena lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane mollo o tukile kgalefong ya ka, o le tuketse.


Lona ntlo ya Davida, Jehova o re: Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, esebe kgalefo ya ka e ka tswa jwaloka mollo, e a tjhesa, mme ho se be ya ka e timang ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Mme nna ka sebele ke tla le lwantsha ka letsoho le otlolohileng le ka letsoho le thata, ka hlonamo le ka kgalefo le ka bohale bo boholo.


Bonang, sefefo sa Jehova ke seo, kgalefo e tjhesang e tswetse ntle, sefefo se tsokotsehang se tla tsokotseha dihloohong tsa ba babe.


Ekaba ba tla bea thapelo ya bona pela Jehova, ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, hobane bohale bo boholo le yona kgalefo e kgolo eo Jehova a e boletseng bakeng sa setjhaba sena.


Jehova o sitilwe hore a nne a iphapanye le bolotsana ba diketso tsa lona le manyala ao le neng le a etsa; ke moo lefatshe la lona le entsweng tshenyeho, le sebabatso, le thohako, lefatshe le se nang moahi, kamoo ho ntseng ho le kateng tsatsing lena.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgalemela ba bollang kaofela le ba sa bolleng,


Egepeta, Juda, Edomo, bana ba Ammone, le Moabe, le bohle ba ipeolang hlafunelo, ba ahileng mafeelleng, hobane ke ditjhaba tse sa bolleng kaofela, mme le yona ntlo yohle ya Iseraele ha e a bolla pelo.


Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.


Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba febileng, le ya ba tsholotseng madi, ke o etse ya tletseng madi a kgalefo le a lefufa.


Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: Ke tla rena hodima lona ka letsoho le matla, ka letsoho le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka.


Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Ka hore kgalefo e nyolohe, hore ke iphetetse ho wona, ke kahoo ke beileng madi a wona lefikeng le hlobotseng, hore a se ke a apeswa.


ao ka wona le nnileng la kenya bara ba baditjhaba, bao e leng maqai dipelong le maqai nameng, sehalalelong sa ka ho se silafatsa, e leng ntlo ya ka, ha le ne le hlahisa bohobe ba ka, mafura le madi, hore ba tlole selekane sa ka ka ho ya ka manyala wohle a lona.


Ya leng hole o tla shwa ke lefu la sewa, ya leng haufi a we ka lerumo; ya tla sala a ntse a bolokehile, o tla shwa ke tlala, mme ke tla phetha kgalefo ya ka ho bona.


Ha ho le jwalo, le nna ke tla etsa ka kgalefo; leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ba tla howeletsa ditsebeng tsa ka ba tlerola, empa nke ke ka ba mamela.


le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


le kamoo ba neng ba ntshetakela kateng, e leng tseo le nna ke neng ke ba setakela ka baka la tsona; ha ke ba isitse dinaheng tsa bao e leng dira ho bona, ha dipelo tsa bona tse manyala di ikokobetsa, mme ba lefa molato wa makgopo a bona, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo,


Batlang Jehova, le tle le phele, esere mohlomong a wela ntlo ya Josefa jwaloka mollo, mme mollo oo wa fedisa Bethele, ho se motho ya o timang.


ha ho eso ho tle letsatsi le jwaloka mooko o fefolwang, ha ho eso ho tle hodima lona ho tuka ha bohale ba Jehova, ha le eso ho tle ho lona, tsatsi la bohale ba Jehova!


Efela lebollo le na le molemo, ha o etsa ka molao; empa ekare ha o le ya tlolang molao, lebollo la hao etlaba le fetohile boqai.


Ha ho le jwalo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona.


Jehova, Modimo wa hao, o tla bolotsa pelo ya hao, le dipelo tsa ditloholo tsa hao, o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, o tle o phele.


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


Le hona le bolotse ka ho yena ka lebollo le sa etswang ka letsoho, e leng ho hlobola mmele wa nama, ka lebollo la Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos