Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.
Jeremia 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa. BIBELE Sera se subuhlellana sa maru a phethesela, kariki tsa sona tsa ntwa di tla sa setsokotsane, belo la pere tsa sona le feta la ntsu. A rona bale! Re timetse ruri! |
Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.
Ba tswile naheng e hole le dipheletsong tsa lehodimo: ke Jehova le dibetsa tsa kgalefo ya hae tse tlileng ho senya lefatshe kaofela.
Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.
Hobane Jerusalema o a thekesela, Juda o a wa, hobane maleme a bona le diketso tsa bona di lwantsha Jehova, ho halefisa mahlo a kganyang a hae.
Metsu ya bona e bohale, diqha tsohle tsa bona di kobilwe, dikgaba tsa ditlhako tsa dipere tsa bona di ka mahakwe, mme maoto a makoloi a bona a fofa jwaloka setsokotsane.
Hobane bonang, Jehova o ya tla ka mollo, makoloi a hae a be jwaloka sefefo, a tukise bohale ba hae, mme ho befa ba kgalemelo ya hae ho fetohe malakabe a mollo.
Jo! jo nna! ke robehile! Leqeba la ka hase le ho nqeta! Empa ka re: Kannete, ke lona lefu la ka, e ka kgona ke nne ke le mamelle.
moya o matla ka ho fetisa o tla tsoswa ke nna, ebe moo ke bolelang dikahlolo tsa ka hodima bona.
Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.
Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.
Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, o fofa jwaloka ntsu, o sarolla mapheo a hae ka nqa Moabe.
Bonang, o nyoloha jwaloka ntsu, o a fofa, o sarolla mapheo a hae ka nqa Botsra; mme ka tsatsi leo pelo tsa bahale ba Edomo di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.
Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlometse jwaloka motho ya o futuhelang, wena moradi wa Sione.
Hobane lentswe la pokollo le utlwahala Sione, le re: Jo nna! Re hlile re sentswe! Hase le ho hlabiswa dihlong, hobane re tlohela lefatshe, mehaho ya rona e heleditswe.
Bahlorisi ba rona ba lebelo ho fetisa dintsu tsa lehodimo, ba re lelekisa dithabeng, lefeelleng ba re nanarela.
Lerole la bapalami ba hae le tla o apesa ka baka la bongata ba bona; modumo wa bapalami ba hae, le wa mabidi a hae, le wa makoloi a hae, o tla reketlisa marako a hao, mohla a kenang ka dikgoro tsa hao, jwalokaha ho kenwa motse o entsweng sekgeo.
O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.
Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.
Sa pele se ne se ka tau, se ena le mapheo a ntsu; ka tadima ho fihlela mapheo a sona a hlojwa, mme sa nkwa fatshe, sa emiswa ka maoto a sona jwaloka motho, sa newa pelo ya motho.
O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.
Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona!
Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae.
Dipere tsa sona di bobebo ho fetisa mangau, di lebelo ho fetisa diphiri tsa phirimana; bapalami ba sona ba feta ba kgemisitse. Bapalami ba sona ba tswa hole; ba fofa jwaloka ntsu e itlhahanelang ho jeng ha jona.
Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme ka bona ho hlaha makoloi a mane a tswang mahareng a thaba tse pedi, thaba tseo e le thaba tsa koporo;
Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.
Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,
Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!