Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:13 - BIBELE

13 Sera se subuhlellana sa maru a phethesela, kariki tsa sona tsa ntwa di tla sa setsokotsane, belo la pere tsa sona le feta la ntsu. A rona bale! Re timetse ruri!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:13
28 Referencias Cruzadas  

“Saule le Jonathane, dikgabane le baratehi, ha ba a arohana ha ba phela leha ba shwele; belo la bona le ne le feta la ntsu, matla a bona a feta a lekakuba.


A tswa naheng e hole, pheletsong tsa lehodimo, Morena o tla ka dihlomo tsa kgalefo ya hae, hore fatshe lohle a tle a le timetse.


Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.


Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.


Metsu ya bona e ntjhotjho, diqha tsa bona di dutse di kobilwe, tlhako tsa pere tsa bona eka mahakwe, mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa eka setsokotsane.


Bonang, Morena o tla a le hara mollo, kariki tsa hae tsa ntwa di ka setsokotsane, kgalefo ya hae e tlokomang o e dihela ka mabifi, malakabe a mollo ke yona kgalemo ya hae.


Ke madimabe hobane ke tswile kotsi! Leqeba la ka ha le ka ke la fola! Empa ka pelong ka ikgothatsa, ka re: “Ena ke tsietsi ya ka, ke tlameha ho e mamella.”


e tla ba lehodiotswana, hobane o tswa ho nna, ke tla be ke ba phatlalletse le dikahlolo tsa bona.”


Ke utlwile sello se kang sa mosadi a pepa, modumaelo o kang wa mosadi, mosadi wa letsibolana; sello sa moradi wa Sione ha a fehelwa, ha a itelela, a phakalatsa matsoho, a re: “Ka tla ka le bona! Bophelo ba ka bo matsohong a babolai!”


“Ke a tiya, ke a hlapanya,” ho rialo Kgosi, Kgosi eo bitso la yona e leng Modimo wa mabotho; “E mong o tla tla sa Tabore hara dithaba, a tle sa Karamele e pela lewatle.


Morena o bua tjena: “Bonang, ntsu ke eo e ubella, e thathaladitse mapheo hodima Moabe,


Ntsu e tla solla hodimo, e ubelle, e thathalatse mapheo a yona, e a thathalatse hodima Bosera. Pelo tsa bahlabani ba Edomo, ka tsatsi leo, di tla ka pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.


Se hlometse ka diqha sa hlomela le ka marumo se sehloho, se bile se hloka mohau; mantswe a sona a hwasa sa lewatle le befile; se palame dipere, se theile theko ya ntwa, se futuhela wena Moradi wa Sione.”


Seboko se utlwahala se etswa Sione: ‘Bonang kamoo re timeditsweng kateng! Dihlong tsa rona ke tse kaakang! Re tlameha ho furalla naha ya rona, matlo a rona a fetohile masupi.’ ”


Baphaladisi ba rona ba lebelo haholo, ba lebelo le ho feta dintsu di fofa; ba re phaladisitse hodima dithaba, ba re lalla hara lehwatata.


Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla o kwahela ka lerole. Lekitikiti la dipere, le la makoloi le la dikariki tsa ntwa le tla sisinya mabota a hao, ha a kena dikgorong tsa hao jwaloka banna ba kenang motseng oo marako a wona a heleditsweng.


Wena le mabotho wohle a hao le ditjhaba tse ngata tse emeng le wena, le tla nyoloha jwaloka sefefo, le be jwaloka leru le kwahelang naha.


“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.


“Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.


“Letsa lenaka, o hlabe mokgosi! Ntsu ke eo e ubella Moreneng, hobane tjhaba se sentse, sa senya selekane sa ka, sa ba sa tlola le molao wa ka.


Mohla tsatsi leo ba tla le soma, ba le binele kodi-ya-malla ba re: ‘Re fela re faladitswe, Morena o re amohile naha ya rona, a e abela bathopi ba rona.’ ”


Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae.


Pere tsa sona di lebelo ho feta mangau, di bohale ho feta diphiri ka phirimana; bapalami ba di kgemisa, ba di kgemisa lekgarakgara, bapalami ha ba tswe mona le mona, ba fofa sa letlaka le ubella sefifi.


Ka tadima hodimo hape, mme ka bona dikariki tse nne tsa ntwa di etswa pakeng tsa dithaba tse pedi tsa lethose!


“Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.


“Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona;


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos