Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Ke utlwile sello se kang sa mosadi a pepa, modumaelo o kang wa mosadi, mosadi wa letsibolana; sello sa moradi wa Sione ha a fehelwa, ha a itelela, a phakalatsa matsoho, a re: “Ka tla ka le bona! Bophelo ba ka bo matsohong a babolai!”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:31
35 Referencias Cruzadas  

Rebeka a re ho Isaaka: Ke tennwe ke ho phela ha ka ka baka la baradi ba Hethe; ekare ha Jakobo a ka inkela mosadi ho baradi ba Hethe, ya jwaloka barwetsana ba naha ena, na bophelo ba ka e tla ba bo jwang?


Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.


Ke madimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke dutse ditenteng tsa Kedare!


Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


Ba tsielehile, ba kenwe ke mahloko le matswalo, ba sonopana jwaloka mosadi ya belehang; ba tadimana ba maketse, difahleho tsa bona di fubile jwaloka mollo.


Matheka a ka a tshwerwe ke bohloko ke hona, matswalo a nkene, a jwaloka matswalo a mosadi ya belehang; ke a sonopana, ke sitwa ho utlwa; ke tshohile, ke sitwa ho bona.


Jwalokaha mosadi wa moimana a utlwa bohloko, ha a se a thwaseditswe ke kgwedi ya pelehi ya hae, mme a howa pelehing ya hae, re ne re le jwalo pela Jehova!


Esale ke kgutsitse, ke ituletse, ke itshwere; jwale, ke howa jwaloka mosadi ya belehang, ke a fehelwa, ke a sisimoha.


Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Jo! jo nna! ke robehile! Leqeba la ka hase le ho nqeta! Empa ka re: Kannete, ke lona lefu la ka, e ka kgona ke nne ke le mamelle.


O tla reng, mohla o otlwang? Empa ke wena ya ba lemaleditseng ho o busa jwaloka hoja o le matleng a bona. Na o ke ke wa tshwarwa ke bohloko, jwaloka mosadi ya belehang?


Ha ke tswela naheng, ho bonwa ba bolailweng ke lerumo; leha ke kena motseng, ho bonwa ba shwang ke tlala; hape, haele moporofeta le yena moprista, ba lelera naheng eo ba sa e tsebeng.


Bohloko ba ka bo setse keng ka ho sa feleng, le leqeba la ka ha le okwe keng na? Le hanelang ho fola? Na ho nna o tla ba sediba se thetsang, le metsi a psheleng na?


Ka baka leo, o neele bana ba bona tlala, o ba telle lerumo; basadi ba bona ba hloke bana, e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu, le bahlankana ba bona ba hlajwe ke lerumo ntweng.


Wena, moahi wa Lebanone ya ahileng difateng tsa kedare, o tla bobola hakakang, mohla tlokotsi e o hlahelang le tsietsi e kang ya mobelehi.


A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa hao Baruke:


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Bonang, o nyoloha jwaloka ntsu, o a fofa, o sarolla mapheo a hae ka nqa Botsra; mme ka tsatsi leo pelo tsa bahale ba Edomo di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Damaseka o fokotse, o itokisetsa ho baleha, mme ho thothomela ho hoholo; tsietsi le mahloko a mo tshwere jwaloka hoja ke ya belehang.


Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.


Ke a senya moradi wa Sione e motle, ya phelang ka tse monate.


Sione o otlolla matsoho, ha ho ya mo tshedisang. Jehova o laetse bakeng sa Jakobo hore dira di mo kopele hare; Jerusalema o fetohile manyala hara bona.


Jehova, bona hobane ke mahlomoleng; mala a ka a duma, pelo ya ka e fetohile kahare ho nna, hobane nkile ka ikgantsha haholo; kantle, lerumo le ntse le bolaya, hae ha eso ke lefu.


Ba batjha le ba hodileng ba rapaladitswe fatshe mapatlelong, barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba wele ke lerumo; o hlile wa bolaya tsatsing la kgalefo ya hao, o bolaile, mme ha o a ka wa qenehela.


Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.


Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.


Jwale, ke ka baka lang ha o howa ka mehoo? Na ha ho sa le morena ha hao na? Kapa na moeletsi wa hao o timetse, ha bohloko bo o tshwere jwaloka ba mosadi ya belehang?


Jo nna! ke jwaloka serapa, ha ho kotutswe ditholwana tsa sona, jwaloka tshimo ya merara e kgwahlapiswang, ha e kotutswe: ha ho sa le lesihla la morara le ka jewang, leha e le selopotsiya sa feiye se lakatswang ke moya wa ka!


Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao ke eo ya tlang ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, petsana ya esele e lemaletseng joko.


Hobane leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao wa teng o ntlamile, mme ho madimabe nna ha ke sa bolele Evangeli!


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos