Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Nyolosang, le theose diterata, terata tsa Jerusalema; le qamake kahohle le hlokomele, le batlisise le mabaleng a motse; ha le ka fumana motho leha a le mong, motho ya etsang toka, ya batlang nnete, motse wa Jerusalema ke tla o tshwarela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:1
29 Referencias Cruzadas  

A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo; hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo; ke bile ke setse ke nnotshi; mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


O re boloke, Jehova, etswe ba molemo ba fela, mme batshepehi ba timela hara bana ba batho.


Jehova o tadimile bara ba batho, a le lehodimong, a tle a bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.


Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho; ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.


Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?


Ba ipolelang molemo ba bangata, empa motho ya tshepehang a ka fumanwa ke mang?


Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.


Ba howa kgotla, pela dikgoro tsa motse, le hara mapatlelo;


Ka re: Jwale, ke tla tsoha, ke ye ho mmatla kahohle motseng, diterateng le mapatlelong ke batle ya ratwang ke moya wa me. Ka mmatla, mme ha ke a ka ka mo fumana!


Ha ho ya pakang ho loka, ha ho ya emelang nnete; ho tshepuwa lefeela, ho bolelwa leshano; ba emola bolotsana, mme ba tswala bokgopo.


Le ntse le tseka keng le nna? Le ba nkwenehetseng kaofela, ho bolela Jehova.


Yaba banna kaofela ba neng ba tseba hobane basadi ba bona ba tjhesetsa medimo esele dibano, le basadi kaofela ba neng ba eme teng, ba phuthehile ba le bangatangata, le setjhaba kaofela se ahileng lefatsheng la Egepeta, Pathrose, ba fetola Jeremia, ba re:


Nkile ka mamela, mme ke utlwile: ha ba bolele ho lokileng; ha ho e mong ya swabelang bobe ba hae, a keng a re: Ke entse jwang? Bohle ba matha tseleng ya bona jwaloka pere e mathelang ntweng.


Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla ba lekola, ke ba leke; hobane nka be ke etsa jwang bakeng sa moradi wa setjhaba sa ka?


Mme ke batlile hara bona hore na motho a ka ba teng ya ka lokisang dikgeo tsa lerako, ya ka emang sekgeong pela ka ho lwanela naha, hore ke se ke ka e timetsa, ke mpa ke sa ka ka mo fumana.


A re ho nna: Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ya Juda bo boholo haholoholo, lefatshe le tletse madi a tsholotsweng, mme motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatshe lena, Jehova ha a bone.


Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.


Ba matha le motse, ba matha hodima lerako, ba hlwella matlung, ba kena ka difenstere jwaloka leshodu.


Ba tla tsamaya ba etswa lewatleng le leng, ba ya ho le leng; ba tla matha ba etswa leboya, ho isa botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Jehova, empa ba ke ke ba le fumana.


la re ho lona: matha, o bolelle mohlankana enwa, o re: Jerusalema o tla ahuwa jwaloka naha e phatlaletseng ka baka la bongata ba batho le ba diphoofolo tse ho wona;


Mohlanka eo a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Yaba monga ntlo o a halefa, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele mapatlelong le diterateng tsa motse, mme o tlise kwano mafutsana, le dihole, le dihlotsa, le difofu.


le ka thetso yohle ya bokgopo ho ba timelang; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata nnete, ba tle ba bolokehe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos