Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Leha ba re: Jehova o a phela, leha ho le jwalo, ba ana ka leshano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Leha ba hlapanya, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ nnete ke hore ba hlapanya ka thetso.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:2
15 Referencias Cruzadas  

Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


mamelang lentswe la Jehova jwale, lona Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta: Bonang, ke ana ka lebitso la ka le leholo, ho bolela Jehova, hore lebitso la ka ha le sa tla hlola re rapelwa lefatsheng lohle la Egepeta ke motho wa Juda leha a le mong ya ka reng: Ka morena Jehova ya phelang!


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.


Ba bolela dipolelo tsa bosawana, ba hlapanya ka bohata; ba hlaba dilekane; ke moo kahlolo ya bona e se e ya hlomela jwaloka sehlohlo bolemeng.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,


ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle.


Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos