Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 moya o matla ka ho fetisa o tla tsoswa ke nna, ebe moo ke bolelang dikahlolo tsa ka hodima bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 e tla ba lehodiotswana, hobane o tswa ho nna, ke tla be ke ba phatlalletse le dikahlolo tsa bona.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:12
10 Referencias Cruzadas  

O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.


Mohlang oo, ho tla bolellwa setjhaba sena le Jerusalema, ho thwe: Moya o tjhesang, o tswang dithoteng tse dibataolo tsa nahathothe, o fokela moradi wa setjhaba sa ka, e seng ho olosa, leha e le ho hlokola;


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


Jehova o re: Bonang, ke ya tsosetsa Babilona le ba ahileng naheng ya Leb-Kamai (Bakalde) moya o senyang.


ka baka leo, Jehova o re: Bona, le nna ke se ke ya tla ho o lwantsha, ke hlahise dikahlolo tsa ka ha hao pontsheng ya ditjhaba.


Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.


Jwale, se ye se fete jwaloka moya, se tswele pele, se be se be le molato, hobane matla ao a sona ke modimo wa sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos