Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 11:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

40 “Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:40
24 Referencias Cruzadas  

Boporofeta hodima lehwatata la lewatle: O a tla jwaloka sefefo se tsohang ka nqa borwa, o tswa lefeelleng, lefatsheng le tshabehang.


Metsu ya bona e bohale, diqha tsohle tsa bona di kobilwe, dikgaba tsa ditlhako tsa dipere tsa bona di ka mahakwe, mme maoto a makoloi a bona a fofa jwaloka setsokotsane.


Hobane bonang, Jehova o ya tla ka mollo, makoloi a hae a be jwaloka sefefo, a tukise bohale ba hae, mme ho befa ba kgalemelo ya hae ho fetohe malakabe a mollo.


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


Ke tla o kgutlisa, ke kentse mautlana mehlahareng ya hao, ke o ntshe, e le wena le sera sa hao kaofela, dipere le bapalami, ba hlometse bohle dihlomo tse phethehileng, e le bongata bo boholo bo hlometseng dithejana le dithebe, batho ba ekang lerumo;


O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Empa bana ba hae ba tla qala ntwa, ba bokelle makgotla a mangatangata; e mong o tla futuha, a tlale hohle, a kgaphatsehe, a ntoo boya; o tla tiisa ho patela qhobosheane ya hae.


Morena wa Borwa o tla halefisisa, mme o tla futuha, a lwane le morena wa Leboya; o tla mema makgotla a maholo, mme makgotla a morena wa Leboya a tla neelwa matsohong a hae.


Hobane morena wa Leboya o tla boela a bokelle makgotla a mangata, a fetisang a pele, mme ha ho fetile dilemo tse ding, o tla tla, a fihle ka makgotla a maholo le ka phahlo e ngata.


Mme makgotla a tlang ho hohoretsa a tla hohoretswa ke yena, ho rojwe le morena wa selekane.


Mme o tla ipha matla, a tiye pelo ho futuhela morena wa Borwa ka makgotla a mangata, mme morena wa Borwa o tla futuha ka makgotla a maholo a fetisang ka matla, empa a ke ke a tiya, hobane ba tla loha mano ho mo senya.


Hara ba hlalefileng ho tla wa ba bang, hore ba lekwe, ba hlatsuwe, ba sweufatswe, ho isa mehleng e qetellang; hobane le yona taba eo e beetswe nako e beilweng.


Ke ka modimo osele a tla futuhela diqhobosheane tse thata; ba o rapelang o tla ba hlonepha ka hlompho e kgolo, a ba bee ho busa ba bangata, a ba abele dinaha, e be moputso wa bona.


Empa lehlomela la metso ya hae le tla hlaha tulong tsa hae; o tla tla ntweng, a kene diqhobosheaneng tsa morena wa Leboya, a etse ka tsona kamoo a ratang kateng, mme o tla hlola.


Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.


A re ho nna: Eya, Daniele, hobane ditaba tseo di tla sala di kwahetswe, di tiisitswe ho isa nakong ya bofelo.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.


Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa;


Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi.


Palo ya makgotla a ba kaletseng ke dimilione tse makgolo a mabedi; hobane ke ne ke utlwe palo ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos