Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Habakuke 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Dipere tsa sona di bobebo ho fetisa mangau, di lebelo ho fetisa diphiri tsa phirimana; bapalami ba sona ba feta ba kgemisitse. Bapalami ba sona ba tswa hole; ba fofa jwaloka ntsu e itlhahanelang ho jeng ha jona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Pere tsa sona di lebelo ho feta mangau, di bohale ho feta diphiri ka phirimana; bapalami ba di kgemisa, ba di kgemisa lekgarakgara, bapalami ha ba tswe mona le mona, ba fofa sa letlaka le ubella sefifi.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 1:8
17 Referencias Cruzadas  

a tata jwaloka dikepana tsa lehlaka, jwaloka ntsu e hlwibilang phoofotswana ya yona.


Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, o fofa jwaloka ntsu, o sarolla mapheo a hae ka nqa Moabe.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlomeletse ntwa jwaloka motho ya tlang ho o lwantsha, wena moradi wa Babilona.


Bahlorisi ba rona ba lebelo ho fetisa dintsu tsa lehodimo, ba re lelekisa dithabeng, lefeelleng ba re nanarela.


Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.


o re: Morena Jehova o re: Ntsu e kgolo e dipheo di telele, e setono se selelele, e masiba a teteaneng, a mebalabala, e ne e tle Lebanone, mme ya nka ntlha ya kedare.


Ka ditlhako tsa dipere tsa hae, o tla hata diterata tsa hao tsohle; setjhaba sa hao o tla se bolaya ka lerumo, ditshiya tse thata tsa hao di helehele fatshe.


O kenya terompeta molomong wa hao. Sera se fofa jwaloka ntsu, se wela ntlo ya Jehova; kahobane ba tlotse selekane sa ka, ba kwenehetse molao wa ka.


Ninive o hopola bahlabani ba hae; ba kgoptjwa tseleng tsa bona, ba itlhahanela lerakong la hae, ba lokisa tshireletso!


Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;


Hobane moo setopo se leng teng, ke moo manong a tla bokana teng.


Yaba ba bua, ba re ho yena: Morena, e tla ba kae? A re ho bona: Moo setopo se leng teng, ke moo le manong a tla bokana teng.


Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos