Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 “Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:30
17 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Ka tsatsi leo, dillo di tla ba kgolo Jerusalema, di be jwaloka dillo tsa Hadadrimmone, sekgutlong sa Megiddone.


Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.


Empa jwalokaha ho bile mehleng ya Nowe, le ho tleng ha Mora motho ho tla ba jwalo.


ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla morwallo, mme ba nkwa bohle ke wona: ho tla ba jwalo le ho tleng ha Mora motho.


Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo.


Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka maru, ka matla a maholo le ka kganya.


ba re: Re bolelle nako eo taba tseo di tla etsahala ka yona, mme pontsho ya mohla tseo tsohle di tla etsahala e tla ba eng?


Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka leru, ka matla le ka kganya e kgolo.


Ho qala jwale, Mora motho o tla be a dule letsohong le letona la matla a Modimo.


ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.


mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,


Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!


Yaba mohlolo o moholo wa hlaha lehodimong, e le wa mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le tlasa maoto a hae, a rwetse hloohong mofapahlooho wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos