Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 9:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane lentswe la pokollo le utlwahala Sione, le re: Jo nna! Re hlile re sentswe! Hase le ho hlabiswa dihlong, hobane re tlohela lefatshe, mehaho ya rona e heleditswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Seboko se utlwahala se etswa Sione: ‘Bonang kamoo re timeditsweng kateng! Dihlong tsa rona ke tse kaakang! Re tlameha ho furalla naha ya rona, matlo a rona a fetohile masupi.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 9:19
20 Referencias Cruzadas  

Tsohang, lona basadi ba iketlang, le utlwe lentswe la ka! Lona baradi ba itshepang, le mamele dipolelo tsa ka!


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Na Iseraele ke mofo, na ke mohlanka ya tswetsweng ka tlung ya mong a hae na? Ho ya kang ha a etswa jwaloka ya hapilweng?


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


Tshenyo e ye e bitse tshenyo e nngwe, hobane ho tla senngwa lefatshe lohle, ditente tsa ka di ya senngwa hang le yona metlotlwane ya ka.


ke le lahle, le tle le tloswe pela ka, jwalokaha ke setse ke lahlile banababo lona bohle, e leng leloko la Efraime kaofela.


Na ba fela ba phephetsa nna, ho bolela Jehova? Ha ke re, ba ipephetsa e le bona, ba tle ba hlabiswe dihlong difahlehong tsa bona?


O ikute moriri, o o lahle, o hlabe kodiyamalla marallaneng, hobane Jehova o lahlile moloko oo a o halefetseng, o o kgesitse.


Suthang, lona ba ditshila; ho howeleditse jwalo ho bona; suthang, suthang, le se ke la re ama. Eitse ha ba balehile, e ntse e le ho phaila; ho thwe hara ditjhaba: Ha ba sa tla boela ba ahe teng.


Lefa la rona le ile ho baditjhaba, le matlo a rona ho basele.


Oho mora motho, o phokolele Tire kodiyamalla, o re ho Tire:


Ke ka tseo ba di entseng naha e silafetseng; jwale, ke tla e otla ka manyala a yona, mme e tla hlatsa baahi ba yona.


Iponeleng hore naha e se ke ya le hlatsa, ha le e silafatsa, jwalokaha e hlatsitse ditjhaba tse neng di le ho yona pele.


Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsa ka kaofela, le ye ka tsona, hore naha eo ke le isang ho yona ho aha teng e se ke ya le hlatsa.


Tsohang, le tsamaye! hobane mona hase moo le ka phomolang teng ka baka la ditshila tse hlahisang tshenyeho, tshenyeho e tshabehang.


Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona!


O tla phopholetsa motshehare jwaloka sefofu se phopholetsang lefifing. O ke ke wa atleha ditabeng tsa hao. O tla hatakelwa, dintho tsa hao di hapuwe kamehla, ho se motho ya o namolelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos