Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlometse jwaloka motho ya o futuhelang, wena moradi wa Sione.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Se hlometse ka diqha sa hlomela le ka marumo se sehloho, se bile se hloka mohau; mantswe a sona a hwasa sa lewatle le befile; se palame dipere, se theile theko ya ntwa, se futuhela wena Moradi wa Sione.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:23
21 Referencias Cruzadas  

Ka lona letsatsi lena o se a tla fihla Nobe, mme ka letsoho la hae o tla supa thaba ya moradi wa Sione, leralla la Jerusalema.


Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.


Jo! modumo wa ditjhaba tse ngata! Di duma jwaloka lewatle ha le duma. Jo! lerata la ditjhaba, e leng lerata le kang la metsi a mangata!


Naha ya Egepeta ke tla e neha morena ya thata, e buswe ke morena ya thata: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, bobe bo ya tswa setjhabeng se seng, bo ye setjhabeng se seng, lerole le tshabehang le ya tsoha dikgutlelong tsa lefatshe.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.


Bolellang ditjhaba, le tsebise Jerusalema, le re: Ba tlang ho mo patela ka ntwa ba tswa lefatsheng le hole, mme ka mehoo ba lwantsha metse ya Juda.


Metse kaofela e ya baleha ka baka la lerata la bapalami le la diphosi tsa diqha, ba ya kena merung e metsho, ba hlwelle mafikeng; metse yohle e tla furallwa, ha ho sa tla ba motho ya ahileng ho yona.


Kgohlopo ya sona e jwaloka lebitla le ahlamileng; ke bahale kaofela.


Bonang, ho ya tla setjhaba se tswang leboya; setjhaba se seholo le marena a mangata a ya hlaha a etswa dikgutlelong tsa lefatshe.


Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlomeletse ntwa jwaloka motho ya tlang ho o lwantsha, wena moradi wa Babilona.


Le mo futuheleng! Tlohang hle, re nyoloheng motshehare! Ho madimabe rona, hobane letsatsi le a dikela, mme meriti ya mantsiboya e setse e theile.


Modumo wa dipere tsa hae o utlwahetse Dane, fatshe lohle le reketla ke dillo tse tshabehang tsa tsona; ba ya tla ho bolaya naha le tseo e tletseng tsona, metse le baahi ba yona.


ke o tshollele kgalefo ya ka; ke tla o budulela mollo wa bohale ba ka, ke o neele diatleng tsa banna ba tshabehang, ba masene a ho timeletsa.


Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos