Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Re utlwile botumo ba sona, mme matsoho a rona a hlile a fokola, tsietsi e re tshwere, bohloko ke bo jwaloka ba ya belehang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Baahi ba Jerusalema ba re: “Botumo ba tjhaba seo re se re bo utlwile, matsoho a rona a lepeletse ke ho fokola; ditlokotsi le tsona di se di re apere, bohloko bo tshwana le ba mosadi, mosadi a kena tlung.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:24
19 Referencias Cruzadas  

yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha;


Matheka a ka a tshwerwe ke bohloko ke hona, matswalo a nkene, a jwaloka matswalo a mosadi ya belehang; ke a sonopana, ke sitwa ho utlwa; ke tshohile, ke sitwa ho bona.


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


O tla reng, mohla o otlwang? Empa ke wena ya ba lemaleditseng ho o busa jwaloka hoja o le matleng a bona. Na o ke ke wa tshwarwa ke bohloko, jwaloka mosadi ya belehang?


Wena, moahi wa Lebanone ya ahileng difateng tsa kedare, o tla bobola hakakang, mohla tlokotsi e o hlahelang le tsietsi e kang ya mobelehi.


A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?


Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Damaseka o fokotse, o itokisetsa ho baleha, mme ho thothomela ho hoholo; tsietsi le mahloko a mo tshwere jwaloka hoja ke ya belehang.


Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.


Matsoho wohle a tepeletse, mangwele wohle a qhibidiha.


Yaba Belshatsare o ferekana haholo, sefahleho sa hae sa fetoha, mme mahosana a hae a tsieleha.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos