La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 23:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.

Ver Capítulo

BIBELE

Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.

Ver Capítulo



Jeremia 23:6
50 Referencias Cruzadas  

Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone.


Metsu ya hao e ntjhotjho; ditjhaba di tla wela pela maoto a hao; o tla hlaba pelo tsa bao e leng dira ho morena.


Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.


Jehova o tla ahlolela ditjhaba, a laye mefuta e mengata, mme ba tla tea diphehla tsa bona tsa ntwa mehoma, le marumo a bona ba a tee disekele; setjhaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho lwana.


Bonang, morena o tla busa ka ho loka, mahosana le wona a dise ka ho loka.


Setjhaba sa ka se tla aha moahong wa kgotso, le matlung a tshepehang, nqalong tsa boiketlo le phomolo.


Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.


Jehova o phahamile, hobane o ahile nqalong tse hodimodimo, o tlatsitse Sione ka ho loka le ka toka.


Teng ha ho tau, ha ho sebata se tlang ho bea leoto teng, leha e le ho fumanwa teng, empa ba lopolotsweng ba tla tsamaya teng.


Nna, Jehova, ke o bileditse ho lokeng, ke o tshwere ka letsoho, ke o bolokile, mme ke o entse selekane sa setjhaba sa ka le lesedi la ditjhaba,


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Hobane nna ke tseba mehopolo ya ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lona, ho bolela Jehova, hobane ke mehopolo ya kgotso, e seng ya bobe, ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le tshepisang.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!


o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.


Matsatsing ao le mohlang oo, ke tla hlahisetsa Davida lehlomela la ho loka, mme le tla etsa kahlolo le ho loka lefatsheng.


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ya hae, eo ke mo neileng yona.


Ba tla aha teng ka boiketlo, ba hahe matlo, ba hlome merara, mme ba tla aha ka boiketlo, mohla ke hlahisang dikahlolo hodima ba neng ba ba nyedisa, ba ba teetse hare ka nqa tsohle; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Ha ho le jwalo, mora motho, porofeta, o re ho Gogo: Morena Jehova o re: Tsatsing leo, ha setjhaba sa ka se ahile se iketlile, ha ke re, o tla tseba na?


Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.


Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.


Empa ba pholohileng ba tla ba teng thabeng ya Sione; e tla ba nqalo e kgethehileng, mme ba ntlo ya Jakobo ba tla rua tse neng di ruilwe ke ditjhaba tseo.


Bapholosi ba tla nyolohela thabeng ya Sione, ho ahlola thaba ya Esau, mme mmuso e tla ba wa Jehova.


Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!


Ke tla natlafatsa ntlo ya Juda, ke sitse le ntlo ya Josefa ka poloko; ke tla ba ahisa, hobane ke ba hauhetse; ba tla ba jwaloka hoja ke sa ka ka ba lahla, hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona, mme ke tla ba utlwa.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;