Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo!”

Ver Capítulo Copiar




Hosea 1:11
24 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Monga hae e tla ba ya tswang ho yena, mmusi wa hae e be ya hlahang ho yena; ke tla mo atametsa, a tle a be haufi le nna; hobane ke mang ya neng a ka beta pelo hore a atamele ho nna, ho bolela Jehova?


Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.


Jo nna! tsatsi leo ke le leholo, ha ho le leng le kang lona; ke dinako tsa tsietsi ho Jakobo; leha ho le jwalo, o tla pholoha ho tsona.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.


Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.


Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.


Bitsang banababo lona Ammi (seo e leng tjhaba sa ka), le kgaitsedi tsa lona Ruhama (ya hauhetsweng).


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Hobane ha tahlo ya bona e bile poelano ya lefatshe le Modimo, kamohelo ya bona e tla ba eng, haese bophelo bo tswang bafung?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos