Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova o tla ahlolela ditjhaba, a laye mefuta e mengata, mme ba tla tea diphehla tsa bona tsa ntwa mehoma, le marumo a bona ba a tee disekele; setjhaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho lwana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Morena o tla ahlolela ditjhaba, a fedise ho se utlwane hara tjhaba tse ngata; sabole tsa tsona di tla di etsa mehoma, marumo a tsona di a etse disekele, tjhaba di ke ke tsa hlola di nkelana disabole, di ke ke tsa hlola di itokisetsa dintwa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:4
26 Referencias Cruzadas  

O tla ahlola hara ditjhaba; hohle ho tla tlala ditopo, o tla thumakanya dihlooho dinaheng tse ngata.


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.


Oho Modimo, tsoha, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba kaofela e tla ba lefa la hao.


Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


Moputso wa ho loka e tla ba kgotso, tholwana ya ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa yeng kae.


Setjhaba sa ka se tla aha moahong wa kgotso, le matlung a tshepehang, nqalong tsa boiketlo le phomolo.


Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


Ha a kgaole lehlaka le robehileng, mme a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang; o tla hlahisa ho loka nneteng.


Hobane seeta se seng le se seng seo motho a tlang ntweng a se rwetse, le kobo e nngwe le e nngwe e sudubaneng mading, di tla akgelwa mollong, di tjheswe ke malakabe a wona.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.


ke o nyale le ho tshepeheng, mme o tla tseba Jehova.


Ka mehoma ya lona le tee disabole, ka disekele tsa lona le tee marumo! Ya fokolang a ke a re: Nna ke senatla!


A ho tsohe, a ho tle ditjhaba kgohlong ya Josafate; hobane teng ke tla dula ho ahlola ditjhaba tsohle tse ka mathoko!


Mme Jehova o tla ahlolela ditjhaba tse ngata, a kgalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka disabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee disekele; setjhaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.


Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


Jehova o tla tshosa ba mo tsekisang, o tla ba dumisetsa a le lehodimong. Jehova o tla ahlola dipheletso tsa lefatshe; o tla nea morena wa hae matla, a emise lenaka la motlotsuwa wa hae!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos