5 Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!
5 Lona ba ntlo ya Jakobo tloong, a re tsamayeng seding la Morena.
O bolokele ba o tsebang mohau wa hao, o nne o fe ba pelo di lokileng ho loka ha hao;
Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang pitso ya terompeta! Se tsamaya leseding la sefahleho sa hao, Jehova,
se ithabisa kamehla ka lebitso la hao, se ithorisa ka ho loka ha hao.
Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.
Howeletsa, o tlerole! Phahamisa lentswe le phepa jwaloka phala, o bolelle setjhaba sa ka makgopo a sona, o tsebise ntlo ya Jakobo dibe tsa yona.
hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.
Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.
Ke ena taba eo re e utlwileng ho yena, eo re le bolellang yona, ke hoba Modimo o lesedi, mme ha ho lefifi ho wona le hanyenyane.
Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.