Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:26
10 Referencias Cruzadas  

Batho ba sitwa ho bonana, mme ho se ke ha eba motho ya tsohang ditulong tsa hae ka ditshiu tse tharo; empa bana ba Iseraele kaofela ba eba le lesedi moo ba ahileng teng.


Empa ho bana ba Iseraele kaofela, leha e le ho batho, leha e le ho diphoofolo, ha ho ka ke ha eba le ntja e itshisinyang leleme, le tle le tsebe hobane Jehova o kgethile Baegepeta ho Baiseraele.


Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.


Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Jehova o tla kgetha mehlape ya Iseraele ho mehlape ya Baegepeta, mme ha ho ka ke ha eshwa letho la tsohle tsa bana ba Iseraele.


Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe.


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Hape, ke ne ke le time dipula, ho sa setse dikgwedi tse tharo pele ho kotulo, ka e nesetsa motse o mong, motse o mong ke se ke ka o nesetsa; tshimo e nngwe ya nesetswa, tshimo e nngwe e sa kang ya nesetswa ya omella;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos