Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:26 - BIBELE

26 Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:26
10 Referencias Cruzadas  

Batho ba sitwa ho bonana, mme ka matsatsi a mararo motho a sitwa ho tloha moo a dutseng teng. Empa moo ho ahileng bana ba Iseraele bohle, lesedi le ne le ntse le le teng.


Empa hara bana ba Iseraele bohle, ha ho le ntja e tla ke e rorele motho kapa phoofolo, e le hore le tle le tsebe hore Morena o kgetholla Baegepeta ho Baiseraele.


Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.


Dingaka tsa re ho Faro: “Hona ke monwana wa Modimo.” Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a ba a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.


Morena o tla kgetholla diphoofolo tsa Baiseraele ho diphoofolo tsa Baegepeta, mme ha ho letho le tla shwa ho tsohle tseo e leng tsa bana ba Iseraele.’ ”


Morena a fela a etsa ntho ena ka la hosasane; diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa eshwa, empa ha se ke ha eshwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele.


Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


“Kgwedi di sa le tharo ho eso kotulwe, ha ke a ka ka le nesetsa pula; motse o mong ka o nesetsa pula, o mong wona ka se ke ka o nesetsa pula; tshimo e nngwe ya nelwa ke pula, e nngwe yona ya e hloka, ya omella.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos