Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 ke be ntho e le nngwe le yena, e seng ka ho loka ha ka ho tswang Molaong, empa ka ho loka ho fumanwang ka tumelo ho Kreste. Ho loka hona ho tswa ho Modimo, ho theilwe hodima tumelo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:9
56 Referencias Cruzadas  

Tsohle tse phelang tse lefatsheng tsa fediswa, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo, le ho dihahabi, le ho dinonyana tsa lehodimo, tsohle tsa timetswa lefatsheng, ha sala Nowe feela, le tsohle tseo a neng a na le tsona arekeng.


Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;


Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.


Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.


Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho; ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.


o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.


Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng!


Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.


Ke atameditse ho loka ha ka: Ha ho hole; le poloko ya ka; e ke ke ya dieha. Ke tla bea poloko ya ka Sione, le kganya ya ka hodima Iseraele.


Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.


Hobane ho loka ha Modimo ho kwaholotswe ka ho yona, ho tswang tumelong ho isang tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Hobane motho o dumela ka pelo, hore a bewe ya lokileng, mme o bolela ka molomo, hore a bolokehe.


Ntumedisetseng Andronika le Juniase, batswala ba ka, ba kileng ba tlangwa le nna, mme ba tumile hara baapostola, mme e bile ba pele ho nna ho Kreste.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


athe ka ho tseba hobane motho ha a bewe ya lokileng ke mesebetsi ya molao, empa e le ka ho dumela ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, re tle re bewe ba lokileng ke ho dumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ya molao; hobane ha ho motho ya tla bewa ya lokileng ke mesebetsi ya molao.


Ho rohakwe ya sa tiisetseng dipolelong tsa molao ona ho di etsa! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Haele ka tjheseho ke nna ya hlorisitseng kereke; haele ka ho loka ha molao, ke ne ke se na ho nyatsuwa.


o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:


E mong le e mong ya etsang sebe o etsa tlolo ya molao; hobane sebe ke ho tlola molao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos