Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:9 - Baasraak Sotho NT

9 mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 ke be ntho e le nngwe le yena, e seng ka ho loka ha ka ho tswang Molaong, empa ka ho loka ho fumanwang ka tumelo ho Kreste. Ho loka hona ho tswa ho Modimo, ho theilwe hodima tumelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:9
56 Referencias Cruzadas  

Eyang, le ithute hore na ke ho reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo;


Hobane ho loka ha Modimo ho bonahatswa ka teng ho tloha tumelong ho isa tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Hobane motho o dumela ka pelo ho isa ho lokeng; mme boipolelo ka molomo bo etswa polokong.


Ntumedisetseng Andronika le Junia, banabeso, le batshwaruwa mmoho le nna, ba tsebahalang hara baapostola, ba bileng ho Kreste pele ho nna.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, le mohau o tle o buse ka ho loka ho isa bophelong bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Jwale, ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Kreste Jesu, ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka Moya.


Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.


Re ntse re tseba hore motho ha a lokafatswe ka mesebetsi ya molao, empa e le ka tumelo ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, hore re tle re bewe ba lokileng ka tumelo ya Kreste, e seng ka mesebetsi ya molao. hobane ha ho nama e ke keng ya lokafatswa ka mesebetsi ya molao.


mabapi le tjheseho, ke ne ke hlorisa phutheho; mabapi le ho loka ho leng molaong, ke se na sekodi.


Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,


E seng ka mesebetsi ya ho loka eo re e entseng, empa e le ka mohau wa wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa botjha, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang;


e le hore ka dintho tse pedi tse sa fetoheng, tseo ho tsona Modimo o sitwang ho bua leshano, re tle re be le matshediso a matla, rona ba balehetseng setshabelo ho ya tshwara tshepo e beilweng ka pela rona.


Hobane bohle re kgopisa bohle. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe puong, eo ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle ka tōmo.


Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:


Mongwe le mongwe yo o dirang boleo o tlola molao, gonne boleo ke tlolo ya molao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos