Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:10 - Baasraak Sotho NT

10 hore ke tle ke mo tsebe, le matla a tsoho ya hae, le kopano ya mahloko a hae, ke tle ke tshwantshe le lefu la hae;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ya hae, le ho kopana le yena mahlomoleng a hae, ke tle ke tshwane le yena lefung la hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke batla ho tseba Kreste feela, le matla a tsoho ya hae, ke be le kabelo mahlokong a hae, ka ho tshwana le yena lefung la hae,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hore ke tle ke mo tsebe, le matla a tsoho ya hae, le kopano ya mahloko a hae, ke tle ke tshwantshe le lefu la hae;

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:10
34 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Efela le tla nwa senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; ho bao ba di lokiseditsweng ke Ntate.


Ha ho motho ya nkamohang bona, empa ke nehelana ka bona ka bonna. Ke na le matla a ho o bea, mme ke na le matla a ho boela ke o nka. Taelo ye ke e amogetše go Tate.


Mme bophelo bo sa feleng ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Hobane bao a ba tsebileng esale pele, o bile o ba rere esale pele hore ba tshwane le setshwantsho sa Mora wa hae, hore e tle e be letsibolo hara baena ba bangata.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka la hao re ntse re bolawa letsatsi lohle; re nkwa re le dinku tse hlajwang.


O re namoletse lefung le lekalo, mme o a re namolela;


Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste.


Hobane le hoja a ile a thakgiswa sefapanong ka bofokodi, empa o phela ka matla a Modimo. Hobane le rona re fokola ho yena, empa re tla phela le yena ka matla a Modimo bakeng sa lona.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Ho tloha jwale, ho se be motho ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le matshwao a Morena Jesu.


ho fihlela bohle re fihla bonngoeng ba tumelo le ba tsebo ea Mora oa Molimo, le monna ea phethahetseng, le tekanyo ea boholo ba botlalo ba Kreste.


Ee, ke mpa ke lekanya dintho tsohle e le tahlehelo ka baka la boholo ba tsebo ya Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlehetsweng ke tsohle ka baka la hae, mme ke di nka e le manyala, hore ke tle ke hape Kreste.


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Le lona ba neng ba shwele dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle.


Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang tsa hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


Ee, ke bona ho le molemo, ha ke sa le tabernakeleng ena, ho le tsosa ka ho le hopotsa;


Ke ka hona re tsebang hoba re a o tseba, ke ha re boloka ditaelo tsa wona.


Empa ya bolokang lentswe la hae, ruri lerato la Modimo le phethehile ho yena;


Ke nna ya phelang, mme ke ne ke shwele; mme, bona, ke phela ka ho sa feleng, Amen; mme ke na le dinotlolo tsa lefu le dihele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos