Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:6
82 Referencias Cruzadas  

Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae ka ho sa feleng;


Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla nne di tiye pela hao ka ho sa feleng, le terone ya hao e tla tiiswa kamehla.


Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.


Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.


Morena Salomone yena o tla ba le lehlohonolo, le terone ya Davida e tla nne e tiye kamehla pela Jehova.


Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.


O mohale! o itlamelle sabole ya hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ya hao le kganya ya hao!


Terone ya hao ke terone ya Modimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka!


O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.


Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.


Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.


Dithaba di tla tlisetsa setjhaba kgotso, le wona maralla ka baka la ho loka ha hae.


Mehleng ya hae, ya lokileng o tla atleha, mme kgotso e ya nne e ate ho isa ha kgwedi e lesa ho ba teng.


Mohau le nnete di teane, ho loka le kgotso di akane;


Jehova, mahodimo a tumisa mehlolo ya hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Ke beilwe borena mehla e eso ho qalehe, lefatshe le eso ho ka le eba teng.


Masala, ke re, masala a Jakobo, a tla sokolohela ho Modimo o matla.


Ho loka e tla ba senyepa thekeng la hae, nnete e be leqhama maphakong a hae.


Hobane ho hlomilwe terone ya mohau moo moahlodi wa nnete a dulang teng, tlung ya Davida, ya tjhesehelang tokiso, ya akofisang ho loka.


Jehova, ke wena ya re fang kgotso, hobane ke wena ya sebetsang bakeng sa rona tseo re di etsang kaofela.


Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.


Le yona taba eo e tswa ho Jehova wa makgotla, ya nang le kutlwisiso e makatsang le kelello e kgolo.


Bonang, morena o tla busa ka ho loka, mahosana le wona a dise ka ho loka.


Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tswe thabeng ya Sione: poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.


Athe o hlabetswe dibe tsa rona, a tetekwa ka baka la makgopo a rona; kotlo e re tlisetsang kgotso e mo wetse hodimo, mme re pholoswa ke maqeba a hae.


Athe o ntata rona; Abrahama yena a ke ke a re tseba, le Iseraele a ka re hana; wena Jehova, o ntata rona, mme lebitso la hao ke Molopolli wa rona, esale hlolehong.


Hobane Jehova o re: Bonang, ke tla phallisa kgotso ho yena jwaloka noka, kganya ya ditjhaba e mo phallele jwaloka molapo o kgaphatsehang; le tla anyeswa, le sikwe matsohong, le phaphathwe mangoleng.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.


O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.


Buka ya leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Abrahama.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.


ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena.


Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Mme re amohetse bohle mohau hodima mohau, ho tletseng ho yena.


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?


bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Hobane e ka kgona a buse, a tle a be a bee dira tsohle katlasa maoto a hae.


ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.


Hobane, Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo wa medimo, le Morena wa marena, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o sa tadimeng tshobotsi ya motho, o sa amoheleng dimpho,


eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena.


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


Empa haele ka Mora, o itse: Modimo, terone ya hao e tiile ka ho sa feleng, mme lere la mmuso wa hao ke lere la ho loka;


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


Lengeloi la Jehova la re ho yena: O botsetsang lebitso la ka? Ke le makatsang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos