Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:7
34 Referencias Cruzadas  

Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla nne di tiye pela hao ka ho sa feleng, le terone ya hao e tla tiiswa kamehla.


Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tla tswa thabeng ya Sione; poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.


Kopa ho nna, mme ke tla o fa ditjhaba e be lefa la hao, le dipheletso tsa lefatshe e tle e be leruo la hao.


Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.


Hobane ho hlomilwe terone ya mohau moo moahlodi wa nnete a dulang teng, tlung ya Davida, ya tjhesehelang tokiso, ya akofisang ho loka.


Jehova o tla ahlolela ditjhaba, a laye mefuta e mengata, mme ba tla tea diphehla tsa bona tsa ntwa mehoma, le marumo a bona ba a tee disekele; setjhaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho lwana.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tswe thabeng ya Sione: poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.


Bonang, Morena Jehova o tla ka matla; letsoho la hae le a busa; bonang, o ya tla le moputso wa hae, le yona phetetso ya hae e mo eteletse pele.


Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.


Yaba tshepe, le letsopa, le koporo, le silefera, le kgauta, di robakwa hang, tsa eba jwaloka mooko o fefohang seotlong, lehlabula; tsa nkwa ke moya, mme nqalo ya tsona ha e a ka ya hlola e fumanwa; lejwe le neng le thesetse setshwantsho, la fetoha thaba e kgolo, la tlala lefatshe lohle.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.


Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Bongata ba mo araba, ba re: Rona re utlwile ka molao hore Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, mme wena, o bolela jwang hobane e ka kgona Mora motho a nyollwe na? Mora motho eo ke mang?


Empa haele ka Mora, o itse: Modimo, terone ya hao e tiile ka ho sa feleng, mme lere la mmuso wa hao ke lere la ho loka;


Empa yena, kahobane ke wa kamehla, o na le boprista bo sa abuweng.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos