Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena o romela lentswe ho Jakobo, mme le kena Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Morena o rometse molaetsa, a o romela ho Jakobo, molaetsa oo o tobile tjhaba sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:8
10 Referencias Cruzadas  

Ho madimabe moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime, ho madimabe palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng sa ba hlolwang ke veine!


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Setjhaba kaofela se tla le utlwa, e leng Efraime le ba ahileng Samaria, ba reng ka boikgantsho le ka boikgohomoso ba dipelo tsa bona:


Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos