Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:8 - BIBELE

8 Morena o rometse molaetsa, a o romela ho Jakobo, molaetsa oo o tobile tjhaba sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena o romela lentswe ho Jakobo, mme le kena Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:8
10 Referencias Cruzadas  

Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona!


O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona.


Tjhaba sohle se tla o tseba, ba morabe wa Efraime le baahi ba Samaria, bona ba buang ka boikgantsho, le ka boikgohomoso, ba re:


bo-Asariya, mora wa Hoshaya, le Johanane, mora wa Karea, le banna bohle ba ikakasang, ba re ho Jeremia: “O bua leshano! Morena Modimo wa rona, ha a ya o roma hore o re: ‘Le se ke la ya jaka Egepeta!’


Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos