Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:18
27 Referencias Cruzadas  

O tla tsheha tshenyo le tlala, ha o ka ke wa tshaba dibatana tsa naha;


hobane o tla ba le selekane le majwe a naha, dibatana tsa naha di be le kgotso le wena.


diphoofolo, le lona makgomo kaofela, dihahabi, le dinonyana tse mapheo,


O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng.


O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.


Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Boikgantsho ba batho bo tla fela, boikgohomoso jwa ba baholo bo kokobetswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.


Jehova o tla ahlolela ditjhaba, a laye mefuta e mengata, mme ba tla tea diphehla tsa bona tsa ntwa mehoma, le marumo a bona ba a tee disekele; setjhaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho lwana.


Ka letsatsi leo, ho tla binwa sefela sena naheng ya Juda: Re na le motse o matla, Modimo o re nea thuso, e be lerako le tshirelo ho rona.


Setjhaba sa ka se tla aha moahong wa kgotso, le matlung a tshepehang, nqalong tsa boiketlo le phomolo.


Hobane Mmopi wa hao ke monna wa hao, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; mme Molopolli wa hao ke Mohalaledi wa Iseraele; o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.


Mora motho, porofetela Gogo, o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, Gogo, morena wa Roshe, Mesheke le Tubale.


Maoto a hae a tla ema, ka tsatsi leo, hodima thaba ya Mehlwaare e pela Jerusalema ka nqa botjhabela; mme thaba ya Mehlwaare e tla petsoha, ho qala ka bohare ho isa nqa botjhabela le nqa bophirimela, ho be ho hlahe kgohlo e kgolohadi; karolo e nngwe ya thaba e tla suthela nqa leboya, e nngwe e suthele nqa borwa.


Jehova e tla ba morena wa lefatshe lohle. Ka tsatsi leo, Jehova o tla ba mong, lebitso la hae le be leng.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye.


Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos